10. Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.
11. O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
12. Jwale o tla tshela ditho tsa yona, hammoho le hlooho le mafura a yona, mme moprista o tla di lokisa hodima patsi e beilweng aletareng, hodima mollo.
13. O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
14. Ha sehlabelo sa hae seo a etsetsang Jehova setjheso ka sona, e le sa dinonyana, o tla hlahisa sehlabelo sa maebakgorwana, leha e le sa madinyane a maeba.
15. Moprista o tla e hlahisa aletareng, mme o tla e tweba hlooho ka lenala, a ntoo e tjhesa aletareng, madi a yona a rothisetswe lehlakoreng la aletare.
16. O tla nka kiila le ho kahare ho yona, a di lahlele thotobolong ya molora, pela aletare, nqa botjhabela.