9. Athe haele arekangeloi Mikaele, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tshabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a o kgalemele!
10. Empa bao ba nyefola tsohle tseo ba sa di tsebeng; mme esita ho tsohle tseo ba di tsebang ka tsebo ya hlaho, jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, ba itshenya ho tsona.
11. Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.
12. Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke meya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;
13. ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.
14. Le bona ba porofetilwe ke Henoke, monna wa bosupa ha ho qalwa ka Adama, ka ho re:
15. Bonang, Morena o tlile le bahalaledi ba hae ba diketekete ho etsa kahlolo hodima bohle, le ho kgalemela banyefodi bohle ka baka la diketso tsohle tsa bonyefodi, tseo ba sitilweng ka tsona, le la dipolelo tsohle tse thata, tseo baetsadibe bao ba banyefodi ba di buileng hodima hae.
16. Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.
17. Empa, haele lona, baratuwa, hopolang ditaba tse boletsweng pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste;
18. kamoo ba le boleletseng kateng, hoba, mehleng ya qetello, basomi ba tla ba teng, ba tsamayang ka ditakatso tsa bonyefodi ba bona.
19. Ke ba ikarolang ho rona, ba nang le bophelo ba nama feela, ba se nang Moya.
20. Empa haele lona, baratuwa, le nne le ikgahe hodima tumelo ya lona e halalelang ka ho fetisisa, mme le rapele ka Moya o Halalelang;
21. le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore le fuwe bophelo bo sa feleng.
22. Le hauhele ba bang ba dikadikang;
23. mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama.
24. Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,
25. ho Modimo o nnotshi, Mmoloki wa rona, e be kganya, le boholo, le matla, le borena, ka Morena wa rona Jesu Kreste, jwale le kamehleng le mehla! Amen!