Juda 1:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:

2. Le ke le atisetswe mohau, le kgotso, le lerato.

3. Baratuwa, erekaha ke tjhesehela ho le ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiseditsweng hammoho, ke phehellwa ke pelo ho etsa jwalo, ke tle ke le kgothatse ho lwanela tumelo eo bahalaledi ba ileng ba e fuwa ka nako e le nngwe.

4. Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.

5. Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.

6. Hape, o bolokile ditlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ya letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba wona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa wona.

7. Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.

8. Balori bao le bona ba itshilafatsa nama ka mokgwa o jwalo, mme ba nyefola ba beilweng boholong, mme ba nyedisa ba kganyang.

Juda 1