Joshua 9:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Banna ba Iseraele ba re ho Baheve: Ekaba le ahile haufi le rona; re ka hlaba selekane jwang le lona?

8. Ba re ho Joshua: Re bahlanka ba hao. Joshua a re ho bona: Le bomang? Le tswa kae?

9. Ba re ho yena: Bahlanka ba hao ba tswa naheng e holehole, ka baka la lebitso la Jehova, Modimo wa hao; etswe re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta;

10. le tsohle tseo a di entseng ho marena a mabedi a Baamore, a mose wane wa Jordane, e leng Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a le Ashtarothe.

11. Baholo ba rona le bohle ba ahileng haeso ba re boleletse, ba re: Nkang mofaho wa tsela matsohong a lona, le ye le ba kgahlanyetse, le re ho bona: Re bahlanka ba lona; hlabang selekane le rona jwale.

12. Bohobe bona ba rona ba mofaho wa rona, re bo nkile bo sa tjhesa matlung a rona, tsatsing leo re theohileng ho tla ho lona; empa le ka bona, jwale bo omeletse, bo bile bo bodile.

13. Makuka ana a veine, ao re a tshetseng a sa le matjha, le a bona a tabohile, le diaparo tsena tsa rona le dieta tsa rona di se di tsofetse ka baka la tsela e teleletelele.

14. Ebile banna ba Iseraele ba nka mofahong wa bona, ba sa ka ba botsa molomo wa Jehova.

15. Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.

16. Matsatsi ha a le mararo ba hlabile selekane le bona, ba utlwa hore ke ba ahisaneng le bona, le hore ba ahile haufi le bona.

Joshua 9