12. Bohobe bona ba rona ba mofaho wa rona, re bo nkile bo sa tjhesa matlung a rona, tsatsing leo re theohileng ho tla ho lona; empa le ka bona, jwale bo omeletse, bo bile bo bodile.
13. Makuka ana a veine, ao re a tshetseng a sa le matjha, le a bona a tabohile, le diaparo tsena tsa rona le dieta tsa rona di se di tsofetse ka baka la tsela e teleletelele.
14. Ebile banna ba Iseraele ba nka mofahong wa bona, ba sa ka ba botsa molomo wa Jehova.
15. Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.
16. Matsatsi ha a le mararo ba hlabile selekane le bona, ba utlwa hore ke ba ahisaneng le bona, le hore ba ahile haufi le bona.
17. Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.
18. Bana ba Iseraele ha ba ka ba ba bolaya, kahobane dihlooho tsa phutheho di ne di ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; empa phutheho yohle ya duma-duma ka dihlooho.
19. Yaba dihlooho tsohle di re ho phutheho yohle: Re ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; jwale, re ke ke ra ba etsa hampe.
20. Hoo re tla ba etsetsa hona, re tla ba tlohela ba phele, esere mohlomong ra halefelwa ka baka la kano eo re ba hlapanyeditseng ka yona.
21. Dihlooho tsa eketsa tsa re ho bona: Ba ke ba pholohe. Ba bewa ba rathang patsi le ba kgang metsi a phutheho yohle, jwalokaha dihlooho di ne di ba boleletse.
22. Ebile Joshua o a ba bitsa, a ba bolella, a re: Le re thetseditseng ha le itse, le hole-hole le rona, athe le ahile hara rona?
23. Jwale le rohakilwe, mme le ke ke la lesa ho ba bahlanka, le ba rathelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, le ba e kgellang metsi.
24. Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.
25. O ka bona jwale, re matsohong a hao; etsa ka rona ka mohau le ka ho loka, kamoo o lekanyang kateng.
26. Yena a ba etsetsa jwalo, a ba namolela matsohong a bana ba Iseraele, hore ba se ke ba ba bolaya.
27. Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.