Joshua 9:11-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Baholo ba rona le bohle ba ahileng haeso ba re boleletse, ba re: Nkang mofaho wa tsela matsohong a lona, le ye le ba kgahlanyetse, le re ho bona: Re bahlanka ba lona; hlabang selekane le rona jwale.

12. Bohobe bona ba rona ba mofaho wa rona, re bo nkile bo sa tjhesa matlung a rona, tsatsing leo re theohileng ho tla ho lona; empa le ka bona, jwale bo omeletse, bo bile bo bodile.

13. Makuka ana a veine, ao re a tshetseng a sa le matjha, le a bona a tabohile, le diaparo tsena tsa rona le dieta tsa rona di se di tsofetse ka baka la tsela e teleletelele.

14. Ebile banna ba Iseraele ba nka mofahong wa bona, ba sa ka ba botsa molomo wa Jehova.

15. Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.

16. Matsatsi ha a le mararo ba hlabile selekane le bona, ba utlwa hore ke ba ahisaneng le bona, le hore ba ahile haufi le bona.

17. Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.

18. Bana ba Iseraele ha ba ka ba ba bolaya, kahobane dihlooho tsa phutheho di ne di ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; empa phutheho yohle ya duma-duma ka dihlooho.

19. Yaba dihlooho tsohle di re ho phutheho yohle: Re ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; jwale, re ke ke ra ba etsa hampe.

Joshua 9