Joshua 8:33-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le matona a bona, le baahlodi ba bona ba ema ka nqa tse pedi ho areka, mabapa le baprista, e leng Balevi ba jereng areka ya selekane sa Jehova, hammoho le baditjhaba, le Baiseraele ba hlaho; sehlopha se seng se ne se lebane le thaba ya Gerisime, sehlopha sa bobedi se lebane le thaba ya Ebale, kamoo Moshe, mohlanka wa Jehova, a neng a laetse kateng kgale, hore ba hlohonolofatse setjhaba.

34. A ntoo bala ditaba tsohle tsa molao, dihlohonolofatso le dithohako, le tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao.

35. Ha ho a ka ha eba taba le e nngwe ya tseo Moshe a di laetseng, eo Joshua a sa kang a e bala pela phutheho yohle ya Iseraele, ho bile ho na le basadi, le bana ba banyenyane, le baditjhaba ba tsamayang le bona.

Joshua 8