25. Bohle ba bolailweng tsatsing leo, ha ho balwa banna le basadi, ya eba kete tse leshome le metso e mmedi, e le batho ba Ai kaofela.
26. Hobane Joshua, ha a ka a honyetsa letsoho la hae leo a le otlolotseng, le tshwereng lerumo, ho fihlela a timeleditse ruri bohle ba ahileng Ai.
27. Feela, Baiseraele ba ikgapela makgomo le mesebetsi ya motse oo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua.
28. Joshua a tjhesa Ai jwalo a o etsa qubu ya dithako tsa kamehla; e ntse e le teng le kajeno.
29. A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.
30. Yaba Joshua o hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, aletare, thabeng ya Ebale.
31. Jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse bana ba Iseraele, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya molao wa Moshe; e ne e le aletare ya majwe a sa kang a thuhwa, ao tshepe e neng e sa ka ya fihliswa ho wona; hodima yona ba hlabela Jehova ditjheso; ba mo hlabela le mahlabelo a teboho.
32. A boela a pheta a ngola molao wa Moshe majweng ao, a o ngola pontsheng ya bana ba Iseraele.