Joshua 8:2-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.

3. Ebile Joshua o tloha, a ya le bahlabani bohle ho ya futuhela Ai; Joshua a kgetha banna ba bahale, ba kete tse mashome a mararo, a ba roma bosiu.

4. A ba laela, a re: Bonang, le etsetse motse mekgahlelo, kamora motse; le se ke la emela hole le motse, mme le itokise bohle.

5. Haele nna, le batho bohle bao ke nang le bona, re tla atamela pela motse; etlare ha ba etswa ho kopana le rona jwaloka pele, re tla baleha pela bona.

6. Ba tla tswa, ba re phallele, ho fihlela re ba hulela hole le motse, hobane ba tla re: Ba sa baleha pela rona, jwalokaha pele; mme re fela re tla ba balehela.

7. Ke hona le tla tsoha mekgahlelong, le kene motse, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla o neela matsohong a lona.

8. Etlare ha le kene motse, le tjhese motse. Etsang hoo ka taelo ya Jehova; bonang, ke le laetse.

9. Joshua a ba roma, ba ya mekgahlelong, ba ema dipakeng tsa Bethele le Ai, ka nqa bophirimela ho Ai; Joshua yena a hlola bosiu bona le setjhaba.

10. Joshua a tsoha e sa le ka meso, a hlahloba setjhaba, mme a nyolohela Ai, a ena le baholo ba Iseraele, a eteletse setjhaba pele.

11. Bahlabani bohle bao a nang le bona ba nyoloha, ba atamela, ba fihla pela motse, mme ba emisa ka nqa leboya ho Ai, kgohlo e le teng mahareng a bona le Ai.

12. A nka banna ba ka bang kete tse hlano, a ba bea mekghahlelo dipakeng tsa Bethele le Ai ka nqa bophirimela ho motse.

13. Ba emisa phafa tsohle jwalo ka nqa leboya ho motse, ba mekgahlelo bona ba le ka nqa bophirimela ho motse; Joshua yena a ya kgohlong bosiu.

14. Morena wa Ai ha a bona hoo, banna ba motse ba akofa ba tsohela, ba tswela lehwatateng ho kgahlanyetsa Baiseraele, moo ho kgethilweng, e le yena le batho bohle ba hae; empa o ne a sa tsebe hobane o beetswe mekgahlelo kamora motse.

Joshua 8