Joshua 8:19-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Jwale ba mekgahlelo ba tloha kapele moo ba dutseng teng, ha ba bona a otlolotse letsoho la hae; ba titima, ba kena motse, ba o nka, mme ba phakisa ba tjhesa motse.

20. Eitse ha ba Ai ba reteleha, ba bona mosi o etswa motseng, o nyolohela lehodimong, ba sitwa ho balehela kae le kae. Ba neng ba balehela nqa lefeelleng ba boya ho tla lwantsha ba ba phallelang.

21. Joshua le Baiseraele bohle, ha ba bona mekgahlelo e kena motse, le mosi o nyoloha o etswa motseng, ba phekgoha, mme ba bolaya banna ba Ai,

22. le bane ba tswa motseng ho teana le bona; ebile ba Ai ba teelwa ke Baiseraele hare, ba bang ka kwano, ba bang ka kwana;

23. mme ba ba bolaya, ho se ke ha tlola motho le a mong ya phelang, leha e le ya phonyohileng. Le morena wa Ai ba mo tshwara a sa phela, ba mo tlisa ho Joshua.

24. Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo.

25. Bohle ba bolailweng tsatsing leo, ha ho balwa banna le basadi, ya eba kete tse leshome le metso e mmedi, e le batho ba Ai kaofela.

26. Hobane Joshua, ha a ka a honyetsa letsoho la hae leo a le otlolotseng, le tshwereng lerumo, ho fihlela a timeleditse ruri bohle ba ahileng Ai.

27. Feela, Baiseraele ba ikgapela makgomo le mesebetsi ya motse oo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua.

28. Joshua a tjhesa Ai jwalo a o etsa qubu ya dithako tsa kamehla; e ntse e le teng le kajeno.

29. A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.

30. Yaba Joshua o hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, aletare, thabeng ya Ebale.

31. Jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse bana ba Iseraele, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya molao wa Moshe; e ne e le aletare ya majwe a sa kang a thuhwa, ao tshepe e neng e sa ka ya fihliswa ho wona; hodima yona ba hlabela Jehova ditjheso; ba mo hlabela le mahlabelo a teboho.

Joshua 8