Joshua 8:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ba emisa phafa tsohle jwalo ka nqa leboya ho motse, ba mekgahlelo bona ba le ka nqa bophirimela ho motse; Joshua yena a ya kgohlong bosiu.

14. Morena wa Ai ha a bona hoo, banna ba motse ba akofa ba tsohela, ba tswela lehwatateng ho kgahlanyetsa Baiseraele, moo ho kgethilweng, e le yena le batho bohle ba hae; empa o ne a sa tsebe hobane o beetswe mekgahlelo kamora motse.

15. Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwaloka hoja eka ba hlotswe ke bona, ba baleha ka tsela e yang lefeelleng.

16. Setjhaba sohle se motseng sa memuwa ho ba phallela; ba phallela Joshua, mme ba hulelwa hole le motse;

17. ha ho a ka ha sala monna Ai le Bethele, ya sa phallelang Baiseraele; mme ba siya motse o butswe, mme ba phallela Baiseraele.

18. Yaba Jehova o re ho Joshua: Otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hao, hobane ke o neetse matsohong a hao. Mme Joshua a otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hae.

19. Jwale ba mekgahlelo ba tloha kapele moo ba dutseng teng, ha ba bona a otlolotse letsoho la hae; ba titima, ba kena motse, ba o nka, mme ba phakisa ba tjhesa motse.

Joshua 8