1. Yaba Jehova o re ho Joshua: Se tsohe, mme o se ke wa tepella; eya o nkile le wena bahlabani bohle, o tlohe, o futuhele Ai; bona, ke neetse matsohong a hao morena wa Ai, le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le lefatshe la hae.
2. Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.
3. Ebile Joshua o tloha, a ya le bahlabani bohle ho ya futuhela Ai; Joshua a kgetha banna ba bahale, ba kete tse mashome a mararo, a ba roma bosiu.
4. A ba laela, a re: Bonang, le etsetse motse mekgahlelo, kamora motse; le se ke la emela hole le motse, mme le itokise bohle.
5. Haele nna, le batho bohle bao ke nang le bona, re tla atamela pela motse; etlare ha ba etswa ho kopana le rona jwaloka pele, re tla baleha pela bona.