9. Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?
10. Yaba Jehova o re ho Joshua: Tsoha; o itabanyeditseng jwalo ka sefahleho?
11. Baiseraele ba entse sebe; ba tlotse selekane sa ka seo ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsweng anathema; ba utswitse, hape ba patile, hapehape ba kentse dintho tseo diphahlong tsa bona.
12. Ke kahoo bana ba Iseraele ba sitwang ho ema pela dira tsa bona, ba baleha pela dira tsa bona, ke hobane ba fetohile ba entsweng anathema. Nke ke ka hlola ke eba le lona, ha le sa fedise anathema e hara lona.
13. Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.
14. Hosasa, le tla atamela ka meloko ya lona; leloko leo Jehova a le tshwarang, le tla atamela ka methapo ya lona; mothapo oo Jehova a o tshwarang, o tla atamela ka matlo a wona; mme ntlo eo Jehova a e tshwarang, ho tla atamela banna ba yona ka bonngwe.
15. Ya tshwarwang a ena le ntho e entsweng anathema, o tla tjheswa, yena le tsohle tsa hae, kahobane a tlotse selekane sa Jehova, mme a entse manyala Iseraeleng.
16. Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa.