16. Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa.
17. A atametsa methapo ya Juda, mme Modimo wa tshwara mothapo wa Sera; a atametsa monna ka mong wa mothapo wa Sera, mme Sabdi a tshwarwa.
18. A atametsa monna ka mong wa ntlo ya hae, mme Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a tshwarwa.
19. Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.
20. Ebile Akane o araba Joshua, a re: Efela ke sitetswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ka etsa ka hore le ka hore.
21. Ka bona hara tse hapilweng seaparo se setle sa Shineare, le dishekele tse makgolo a mabedi tsa silefera, le leleme la kgauta le boima ba dishekele tse mashome a mahlano; yaba ke a di lakatsa, ka di nka, mme o ka bona di patilwe fatshe tenteng ya ka, silefera yona e katlase.
22. Yaba Joshua o roma manqosa, a mathela tenteng ya hae, a fihlela di patilwe tenteng, silefera e le katlase.
23. Ba di ntsha tenteng, ba di tlisetsa Joshua le bana bohle ba Iseraele, mme ba di bea pela Jehova.
24. Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba tshwara Akane, mora Sera, le silefera, le seaparo, le leleme la kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le kgomo tsa hae, le diesele tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tse ding tsa hae; ba ba nyolosetsa sekgutlong sa Akore.
25. Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.
26. Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.