Joshua 7:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Hosasa, le tla atamela ka meloko ya lona; leloko leo Jehova a le tshwarang, le tla atamela ka methapo ya lona; mothapo oo Jehova a o tshwarang, o tla atamela ka matlo a wona; mme ntlo eo Jehova a e tshwarang, ho tla atamela banna ba yona ka bonngwe.

15. Ya tshwarwang a ena le ntho e entsweng anathema, o tla tjheswa, yena le tsohle tsa hae, kahobane a tlotse selekane sa Jehova, mme a entse manyala Iseraeleng.

16. Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa.

17. A atametsa methapo ya Juda, mme Modimo wa tshwara mothapo wa Sera; a atametsa monna ka mong wa mothapo wa Sera, mme Sabdi a tshwarwa.

18. A atametsa monna ka mong wa ntlo ya hae, mme Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a tshwarwa.

19. Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.

20. Ebile Akane o araba Joshua, a re: Efela ke sitetswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ka etsa ka hore le ka hore.

21. Ka bona hara tse hapilweng seaparo se setle sa Shineare, le dishekele tse makgolo a mabedi tsa silefera, le leleme la kgauta le boima ba dishekele tse mashome a mahlano; yaba ke a di lakatsa, ka di nka, mme o ka bona di patilwe fatshe tenteng ya ka, silefera yona e katlase.

22. Yaba Joshua o roma manqosa, a mathela tenteng ya hae, a fihlela di patilwe tenteng, silefera e le katlase.

Joshua 7