Joshua 7:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.

2. Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.

3. Ba boela ho Joshua, ba re ho yena: Ho se ke ha ya setjhaba kaofela; ho ye banna ba ka bang kete tse pedi, kapa tse tharo, ba futuhele Ai; o se ke wa kgathatsa setjhaba kaofela, etswe ba se bakae.

4. Yaba ho ya banna ba ka bang kete tse tharo ba setjhaba, empa ba baleha pela banna ba Ai.

5. Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.

Joshua 7