Joshua 6:23-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Bahlankana ba neng ba ile ho hlwela, ba kena, ba ntsha Rahaba le ntatae, le mmae, le banababo, le tsohle tsa hae; ba ntsha le ba habo kaofela, ba ba isa kantle ho diahelo tsa Iseraele.

24. Ba tjhesa motse le tsohle tse hara wona; haele silefera, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, ba di kenya polokelong ya ntlo ya Jehova.

25. Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.

26. Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o thea ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.

27. Jehova a nna a ba le Joshua, mme a tuma lefatsheng lohle.

Joshua 6