2. Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.
3. Lona bahlabani bohle, potolohang motse, le pote motse hang; o etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng.
4. Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.
5. Etlere ha ba letsa halelele ka manaka a tlerolang, ha le utlwa modumo wa terompeta, setjhaba kaofela se hlabe ditlatse tse kgolo; mme lerako la motse le tla heleha kaofela, mme motho ka mong o tla nyoloha hona pela hae.
6. Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.
7. A ntoo re ho setjhaba: Eyang, le potolohe motse, mme ba hlometseng ba etelle areka ya Jehova pele.
8. Eitse hobane Joshua a bolelle setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng diterompeta tse supileng tse tlerolang pela Jehova, ba etella pele, ba letsa diterompeta, mme areka ya selekane sa Jehova ya ba latela.
9. Banna ba hlometseng ba etella baprista ba letsang diterompeta pele, mme makgotla a mang a latella areka; ha tsamau-wa ho ntse ho letswa diterompeta.
10. Joshua a laela setjhaba, a re: Le se ke la etsa ditlatse, mme mantswe a lona a se ke a utlwahala, ho se ke ha eba puo e tswang melomong ya lona, ho be ho fihle tsatsi leo ke tla re ho lona: Hlabang ditlatse. Mohlang oo, le tla hlaba ditlatse.
11. Ebile areka ya Jehova e potoloha motse hang, mme ba boela diahelong, ba dula bosiu diahelong.
12. Joshua a boela a tsoha e sa le hosasa, mme baprista ba jara areka ya Jehova.
13. Baprista ba supileng ba tshwereng diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba nna ba tsamaya, ba eteletse areka ya Jehova pele, ba letsa diterompeta; ba hlometseng ba etella pele, mme makgotla a mang a latella areka ya Jehova; ba ya, ba ntse ba letsa diterompeta.
14. Ka tsatsi la bobedi, ba potoloha motse hang, ba ntoo boela diahelong. Ba nna ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng.
15. Ka tsatsi la bosupa, ba tsoha e sa le hosasa, tsatsi le eso ho tjhabe, ba potoloha motse hasupa ka mokgwa oo. Ka tsatsi leo, ba potoloha motse hasupa.
16. Ka lekgetlo la bosupa, ha baprista ba letsa diterompeta, Joshua a re ho setjhaba: Hlabang ditlatse, hobane Jehova o le neetse motse.
17. Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.
18. Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.
19. Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.