Joshua 6:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka lekgetlo la bosupa, ha baprista ba letsa diterompeta, Joshua a re ho setjhaba: Hlabang ditlatse, hobane Jehova o le neetse motse.

17. Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.

18. Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.

19. Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.

20. Ebile setjhaba se hlaba ditlatse, ha letswa diterompeta, mme setjhaba ha se utlwa modumo wa diterompeta, sa hlaba ditlatse tse kgolo; lerako la heleha kaofela; setjhaba sa nyolohela motseng; e mong le e mong pela hae, mme ba kena motse.

21. Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.

22. Joshua a bolella banna ba babedi ba neng ba ile ho hlwela lefatshe, a re: Kenang tlung ya mosadi eo wa sehlola, le ntshe teng mosadi eo, le tsohle tsa hae, jwalokaha le mo anetse.

23. Bahlankana ba neng ba ile ho hlwela, ba kena, ba ntsha Rahaba le ntatae, le mmae, le banababo, le tsohle tsa hae; ba ntsha le ba habo kaofela, ba ba isa kantle ho diahelo tsa Iseraele.

24. Ba tjhesa motse le tsohle tse hara wona; haele silefera, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, ba di kenya polokelong ya ntlo ya Jehova.

25. Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.

26. Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o thea ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.

Joshua 6