1. Motse wa Jeriko o ne o kwetswe, o haheleditswe ke ho tshaba bana ba Iseraele; ho ne ho se motho ya tswang, leha e le ya kenang.
2. Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.
3. Lona bahlabani bohle, potolohang motse, le pote motse hang; o etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng.
4. Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.
5. Etlere ha ba letsa halelele ka manaka a tlerolang, ha le utlwa modumo wa terompeta, setjhaba kaofela se hlabe ditlatse tse kgolo; mme lerako la motse le tla heleha kaofela, mme motho ka mong o tla nyoloha hona pela hae.
6. Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.
7. A ntoo re ho setjhaba: Eyang, le potolohe motse, mme ba hlometseng ba etelle areka ya Jehova pele.