1. Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.
2. Mohlang oo, Jehova a re ho Joshua: Iketsetse dithipa tsa mahakwe, mme o bolotse bana ba Iseraele la bobedi.
3. Yaba Joshua o iketsetsa dithipa tsa mahakwe, a bolotsa bana ba Iseraele leralleng la mengala.
4. Taba ke ena eo Joshua a ba boloditseng ka baka la yona: Batho kaofela ba neng ba tswile Egepeta, ba batona, banna ba ntwa kaofela, ba ne ba timetse tseleng hara nahathothe, ha ba se ba tswile Egepeta.
5. Hobane setjhaba sohle, se neng se tswile, se ne se bolotse empa setjhaba sohle se neng se tswaletswe tseleng hara nahathothe, ha ho se ho tswilwe Egepeta, se ne se sa ka sa bolla.