5. Joshua a re ho bona: Etellang areka ya Jehova, Modimo wa lona, pele kahare ho Jordane, mme monna e mong le e mong a nke lejwe teng, a le jare lehetleng, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele;
6. e tle e be pontsho ho lona, hore, ha bana ba lona ba ka le botsa mehleng e tlang, ba re: Majwe aa a reng ho lona?
7. le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.
8. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Joshua a ba laetse, ba thola majwe a leshome le metso e mmedi kahare ho Jordane, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Joshua, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele, ba ya le wona moo ba tla emisa teng, ba a bea hona teng.
9. Hape, Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi kahare ho Jordane, hona moo maoto a baprista ba jereng areka ya selekane a neng a eme teng; a sa le teng le kajeno.
10. Baprista ba jereng areka ba ema kahare ho Jordane, ho fihlela ha ho phethehile tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Joshua hore a di bolelle setjhaba, kahohle kamoo Moshe a neng a laetse Joshua kateng. Setjhaba sa akofa, sa tshela.
11. Setjhaba ha se qetile ho tshela, areka ya Jehova le yona ya tshela, le bona baprista ba tshela pela setjhaba.