Joshua 4:19-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ke oo mokgwa oo setjhaba se tswileng hara Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele, mme ba emisa Gilgale, ka nqa botjhabela ho Jeriko.

20. Majwe a leshome le metso e mmedi ao ba neng ba a nkile Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.

21. A bolella bana ba Iseraele, a re: Etlare ha bana ba lona ba botsa bontata bona mehleng e tlang, ba re: Majwe ana a reng?

22. le tla ruta bana ba lona, le re: Baiseraele ba ne ke ba tshela Jordane ena ba hatile mobu o omileng;

23. hobane Jehova, Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jordane pela lona, la ba la tshela, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a ne a etse Lewatleng le Lefubedu, leo a le pshesitseng pela rona, ra ba ra tshela.

24. E le hore tjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe letsoho la Jehova hobane le matla, le hore le tshabe Jehova, Modimo wa lona, kamehla.

Joshua 4