12. Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba tshela ba etella bana ba Iseraele pele ba hlometse, jwalokaha Moshe a ne a ba boleletse.
13. Ya batla ho ba banna ba kete tse mashome a mane ba hlometseng, ba loketseng ntwa, ba feta pela Jehova, ba kena mahwatateng a Jeriko.
14. Tsatsing lona leo, Jehova a hodisa Joshua pepeneneng ho Baiseraele bohle; ba mo tshaba ke hona ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, jwalokaha ba ne ba tshabile Moshe.
15. Yaba Jehova o bolella Joshua, a re:
16. Laela baprista ba jereng areka ya bopaki. hore ba tswe hara Jordane.
17. Joshua a laela baprista, a re: Tswang hara Jordane.
18. Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane.