Joshua 4:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Setjhaba kaofela hobane se qetelle ho tshela Jordane, Jehova a bolella Joshua, a re:

2. Ikgetheleng hara setjhaba banna ba leshome le metso e mmedi, monna a le mong lelokong le leng le le leng;

3. le ba laele, le re: Itholleng mona, kahare ho Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sataletse, majwe a leshome le metso e mmedi; le ye le wona, mme le a bee moo le tla emisa ka bosiu bona.

4. Yaba Joshua o bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, bao a ba kgethileng hara bana ba Iseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.

5. Joshua a re ho bona: Etellang areka ya Jehova, Modimo wa lona, pele kahare ho Jordane, mme monna e mong le e mong a nke lejwe teng, a le jare lehetleng, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele;

Joshua 4