Joshua 3:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.

6. Joshua a bolella le baprista, a re: Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele. Ebile ba jara areka ya selekane, ba etella setjhaba pele.

7. Yaba Jehova o re ho Joshua: Ke tla qala kajeno ho o hodisa pontsheng ho Baiseraele bohle, ba tle ba tsebe hobane ke tla ba le wena jwalokaha nkile ka ba le Moshe.

8. Wena, o laele baprista ba jereng areka ya selekane, o re ho bona: Etlere ha le fihla metsing a Jordane le eme Jordane.

9. Joshua a re ho bana ba Iseraele: Atamelang, le utlwe mantswe a Jehova, Modimo wa lona.

10. Joshua a re: Hoo le tla tseba ka hona hobane Modimo o utlwang o hara lona, le hobane o tla lelekisa ruri pela lona Bakanana, le Bahethe, le Baheve, le Baferese, le Bagirgashe, le Baamore, le Bajebuse;

11. bonang, areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle e ya tshela Jordane e le eteletse pele.

12. Jwale ikgetheleng banna ba leshome le metso e mmedi melokong ya Baiseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.

13. Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.

14. Yare setjhaba ha se tlohile ditenteng tsa sona ho tshela Jordane, baprista ba jereng areka ya selekane ba etella setjhaba pele.

Joshua 3