1. Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.
2. Kamora tshiu tse tharo, balaodi ba feta hara diahelo,
3. ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.
4. Le mpe le siye sebaka mahareng a lona le yona areka, se ka bang ditswe tse kete tse pedi; le se ke la tla haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla ya ka yona; hobane ha le eso ho ye ka tsela eo.