Joshua 24:5-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ka roma Moshe le Aarone, mme ka otla Egepeta kamoo ke entseng kateng hara yona, ka ntoo le ntsha teng.

6. Ka ntsha bontata lona Egepeta, la ba la fihla lewatleng; mme Baegepeta ba phallela bontata lona ka makoloi le ka bakalli ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu.

7. Ba mpa ba howeletsa ho Jehova, mme a kenya lefifi mahareng a lona le Baegepeta; a ba apesa ka lewatle, a ba kgurumetsa, mme mahlo a lona a bone seo ke se entseng ho Baegepeta, la ntoo tla la hlola matsatsi a mangata lefeelleng.

8. Ka ba ka le tlisa lefatsheng la Baamore, ba neng ba ahile mose wane wa Jordane, mme ba le lwantsha; empa ka ba neela matsohong a lona, mme la rua lefatshe la bona; mme ka ba timetsa pela lona.

9. Jwale, Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, a tsoha, a lwantsha Iseraele, a romela le ho lata Balaame, mora Beore, hore a tle a le rohake.

10. Ka mpa ka hana ho utlwa Balaame; yaba o a le hlohonolofatsa; ka le namolela jwalo matsohong a hae.

11. La tshela Jordane, la fihla Jeriko; beng ba Jeriko ba le lwantsha, ba ena le Baamore, le Baferese, le Bakanana, le Bagirgashe, le Baheve, le Bajebuse; ka mpa ka ba neela matsohong a lona.

12. Ka ba ka romela le bobi pela lona, ba leleka marena a mabedi a Baamore pela lona; ha ho a ka ha eba ka lerumo la hao, leha e le ka seqha sa hao.

13. Ka le nea lefatshe leo le neng le sa ka la le lema, le metse eo le neng le sa ka la e haha, mme la dula teng le ntse le eja ditholwana tsa merara le tsa mehlware eo le sa kang la e hloma.

14. Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.

15. Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.

16. Ebile setjhaba se fetola, sa re: Ha re ka ke ra furalla Jehova, ra ya sebeletsa medimo esele,

17. etswe e le Jehova, Modimo wa rona, ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, rona le bontata rona, a etsa mehlolo eo e meholo pela mahlo a rona, a re boloka tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.

18. Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona.

Joshua 24