Joshua 24:14-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.

15. Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.

16. Ebile setjhaba se fetola, sa re: Ha re ka ke ra furalla Jehova, ra ya sebeletsa medimo esele,

17. etswe e le Jehova, Modimo wa rona, ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, rona le bontata rona, a etsa mehlolo eo e meholo pela mahlo a rona, a re boloka tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.

18. Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona.

19. Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.

20. Ha le ka furalla Jehova, la sebeletsa medimo esele, le yena o tla le furalla, a le senye, a le timetse, leha a se a nnile a le etsa hantle.

21. Yaba setjhaba se re ho Joshua: Tjhe, re tla mpe re sebeletse Jehova.

22. Joshua a re ho setjhaba: Ho ipaketse lona hore le ikgethetse Jehova ho mo sebeletsa. Ba re: Ho ipaketse rona.

23. A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!

24. Ebile setjhaba se re ho Joshua: Jehova, Modimo wa rona, ke yena eo re tla mo sebeletsa, re utlwe lentswe la hae.

25. Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme.

26. Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova.

27. Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.

28. Ebile Joshua o kgutlisetsa setjhaba, e mong le e mong lefeng la hae.

29. Kamora tseo, Joshua mora Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa, a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome le le leng.

30. Ba mo pata naheng ya lefa la hae, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.

31. Haele bana ba Iseraele, ba nnile ba sebeletsa Jehova tshiung tsohle tsa Joshua, le tshiung tsohle tsa baholo ba kileng ba hlahlama Joshua, hobane a shwe, ba kileng ba tseba ketso tseo Jehova a neng a di etseditse Iseraele.

32. Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.

Joshua 24