Joshua 24:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo.

2. Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele.

3. Ka thola ntata lona Abrahama mose wane ho noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana, ka atisa bana ba hae, ka mo fa le Isaka;

4. mme ka nea Isaaka Jakobo le Esau; Esau yena ka mo nea thaba ya Seire hore a e rue; empa Jakobo le bara ba hae ba theohela Egepeta.

5. Ka roma Moshe le Aarone, mme ka otla Egepeta kamoo ke entseng kateng hara yona, ka ntoo le ntsha teng.

6. Ka ntsha bontata lona Egepeta, la ba la fihla lewatleng; mme Baegepeta ba phallela bontata lona ka makoloi le ka bakalli ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu.

Joshua 24