Joshua 23:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno.

10. Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.

11. Iponeleng hantle ke hona, mme le rate Jehova, Modimo wa lona.

12. Ha le ka kweneha, la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng, tse siilweng hara lona, la nyallana le tsona, la kena ho tsona, mme tsa tla ho lona,

13. le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.

14. Bonang, kajeno ke ya ka tsela ya lefatshe lohle. Le a itsebela pelong tsa lona bohle le meyeng ya lona bohle hobane ha ho ntho leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle di etsahetse ho lona, ha ho e nngwe ya tsona e hlokahetseng.

15. Ka baka lena, jwalokaha ntho tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a neng a le baletse tsona, di le hlahetse, ka mokgwa o jwalo, Jehova o tla le hlahisetsa le ntho tsohle tse mpe, a be a le timetse lefatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le fileng lona.

16. Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.

Joshua 23