3. Le bone tsohle tseo Jehova, Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle ka baka la lona; hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.
4. Bonang, ke le laoletse naha ya ditjhaba tsena tse setseng e tle e be lefa la meloko ya lona, ho tloha Jordane, le ya ditjhaba tsohle tseo le di timeditseng, ho isa Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela.
5. Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka pela lona, a di tebele pela lona, le tle le rue lefatshe la tsona, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le boleletse.