28. Ra re: Ha ekaba mehleng e tlang ba ka rialo ho rona le ho ditloholo tsa rona, re tla re: Bonang mohaho wa aletare ya Jehova eo bontata rona ba e entseng, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo, e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona.
29. Ho se ke ha bolelwa hore re ka fetohela Jehova, le ho furalla Jehova kajeno ka ho haha aletare ya ditjheso, le ya dinyehelo, le ya mahlabelo, esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona, e pela tabernakele ya hae!
30. Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa.
31. Finease, mora moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho bana ba Manasse: Kajeno re lemohile hobane Jehova o hara rona, hobane ha le a ka la sitelwa Jehova ka tshito eo; le lokolotse bana ba Iseraele jwale matsohong a Jehova.
32. Ebile Finease, mora moprista Eleasare, le dikgosana, ba tloha ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade naheng ya Gileade, ba boela naheng ya Kanana, ho bana ba Iseraele, mme ba ba phetela ditaba.
33. Taba ena ya kgodisa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba rorisa Modimo, mme ha ba ka ba hlola ba bolela hore ba ka ya ba lwantsha le ho senya lefatshe leo bana ba Rubene le bana ba Gade ba ahileng ho lona.
34. Haele bana ba Rubene, le bana ba Gade, ba rea aletare eo lebitso la Ede, ba re: Ke paki ho rona ya hore Jehova ke Modimo.