Joshua 22:22-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Modimo, Modimo, Jehova, Modimo, Modimo Jehova, o a tseba le Baiseraele bohle ba tla tseba hoo le bona — ha ekaba ke ka ho fetohela Jehova, le ka ho mo sitelwa, o se ke wa re pholosa kajeno!

23. Ha re ikgahetse aletare, jwaloka eka re ya furalla Jehova leha e le ho hlaba ditjheso le dinyehelo hodima yona, leha e le ho hlaba mahlabelo a teboho hodima yona Jehova e be yena ya batlang taba ena ho rona!

24. Athe re entse hoo ka ho tshaba, ra re: Mehleng e tlang, bana ba lona ba tla bolella bana ba rona, ba re: Na le na le taba efe le Jehova, Modimo wa Iseraele, na?

25. Etswe Jehova a beile Jordane e be moedi mahareng a rona le lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade; ha le na kabelo ho Jehova. Bana ba lona ba ne ba tla etsa hore bana ba rona ba lesele ho tshaba Jehova.

26. Ke moo re itseng: A re itokiseng, re ikgahele aletare, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo;

27. e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona le ditloholo tsa rona tse re hlahlamang, ba hore re na le tokelo ya ho etsa tshebeletso ya Jehova pela hae ka ditjheso tsa rona, le ka mahlabelo a rona a dipheko, le ka mahlabelo a rona a teboho; mehleng e tlang, bana ba lona ba tle ba se ke ba re ho bana ba rona: Ha le na kabelo ho Jehova.

28. Ra re: Ha ekaba mehleng e tlang ba ka rialo ho rona le ho ditloholo tsa rona, re tla re: Bonang mohaho wa aletare ya Jehova eo bontata rona ba e entseng, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo, e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona.

29. Ho se ke ha bolelwa hore re ka fetohela Jehova, le ho furalla Jehova kajeno ka ho haha aletare ya ditjheso, le ya dinyehelo, le ya mahlabelo, esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona, e pela tabernakele ya hae!

30. Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa.

31. Finease, mora moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho bana ba Manasse: Kajeno re lemohile hobane Jehova o hara rona, hobane ha le a ka la sitelwa Jehova ka tshito eo; le lokolotse bana ba Iseraele jwale matsohong a Jehova.

32. Ebile Finease, mora moprista Eleasare, le dikgosana, ba tloha ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade naheng ya Gileade, ba boela naheng ya Kanana, ho bana ba Iseraele, mme ba ba phetela ditaba.

33. Taba ena ya kgodisa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba rorisa Modimo, mme ha ba ka ba hlola ba bolela hore ba ka ya ba lwantsha le ho senya lefatshe leo bana ba Rubene le bana ba Gade ba ahileng ho lona.

34. Haele bana ba Rubene, le bana ba Gade, ba rea aletare eo lebitso la Ede, ba re: Ke paki ho rona ya hore Jehova ke Modimo.

Joshua 22