2. a re ho bona: Le bolokile tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng tsona, le bile le utlwile le lentswe la ka ho tsohle tseo ke nnileng ka le laela tsona.
3. Ha le a ka la tlohela banababo lona tshiung tsena tse ngata ho fihlela kajeno; le bolokile tse tshwanetseng ho bolokwa, e leng molao wa Jehova, Modimo wa lona.
4. Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.
5. Feela, le hlokomele haholo ho ya ka taelo le ka molao oo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng wona, wa ho rata Jehova, Modimo wa lona, le ho tsamaya ka ditsela tsohle tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ho mo kgomarela, le ho mo sebeletsa ka pelo yohle le ka moya wohle.
6. Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, a ba kgutlisa, mme ba ikela ditenteng tsa bona.
7. Moshe o ne a neile mothapo o mong wa leloko la Manasse lefa naheng ya Bashane; mme mothapo o mong o ne o neilwe lefa ke Joshua hammoho le banababo bona, mose o mong wa Jordane, nqa bophirimela. Joshua, ha a ba kgutlisetsa tenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.
8. A re: Ipoelleng tenteng tsa lona ka maruo a maholo, ka makgomo a mangatangata, ka silefera, ka kgauta, ka koporo, ka tshepe, ka diaparo tse ngatangata, mme le arolelane le banababo lona tse hapilweng tsa dira tsa lona.
9. Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba ikgutlela, ba siya bana ba Iseraele Silo, fatsheng la Kanana, ba ya naheng ya Gileade, e leng naha ya lefa la bona, eo ba neng ba e ruile, jwalokaha ho ne ho boletse Jehova ka Moshe.
10. Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha ba fihla lebopong la Jordane, moeding wa naha ya Kanana, teng ba haha aletare pela Jordane, aletare e kgolo, e bonahalang.
11. Empa bana ba Iseraele ba utlwa ho thwe: Bonang, bana ba Rubene, le bana ba ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba hahile aletare e pontsheng ho naha ya Kanana, lebopong la Jordane, ka nqa ka ha bana ba Iseraele.
12. Yare bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya bokana Silo ho ya ba lwantsha.
13. Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,
14. a ena le dikgosana tse leshome, kgosana e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata meloko yohle ya Baiseraele, e nngwe le e nngwe e le hlooho ya ntlo ya bontata bona hara dikete tsa Baiseraele.
15. Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:
16. Ho itswe ke phutheho yohle ya Jehova: Molato oo ke o jwang oo le sitetsweng Modimo wa Iseraele ka wona, ha le furaletse Jehova kajeno, le bile le ikgahetse aletare, hore le tle le fetohele Jehova na?