12. Yare bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya bokana Silo ho ya ba lwantsha.
13. Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,
14. a ena le dikgosana tse leshome, kgosana e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata meloko yohle ya Baiseraele, e nngwe le e nngwe e le hlooho ya ntlo ya bontata bona hara dikete tsa Baiseraele.
15. Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:
16. Ho itswe ke phutheho yohle ya Jehova: Molato oo ke o jwang oo le sitetsweng Modimo wa Iseraele ka wona, ha le furaletse Jehova kajeno, le bile le ikgahetse aletare, hore le tle le fetohele Jehova na?
17. Na bokgopo ba Peore e bile ntho e nyenyane ho rona, boo re esong ho hlatswe ditshila tsa bona ho rona, leha lefu le ile la wela phutheho ya Modimo,
18. haele moo le furalla Jehova kajeno na? Hobane, ha le fela la fetohela Jehova kajeno, hosasane o tla halefela phutheho yohle ya Iseraele.
19. Ha ekaba lefatshe leo le le ruileng le ditshila, ha le keng le tshelele lefatsheng le ruilweng ke Jehova, moo tabernakele ya Jehova e emeng teng, mme le nke lefa hara rona; le mpe le se ke la fetohela Jehova, hape le se ke la fetohela rona, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona.
20. Hleka Akane, mora Sera, ha a ka a tlola molao wa tse entsweng anathema, mme phutheho kaofela ya Iseraele ya halefelwa na? Hape, le motho eo ha a ka a timela a nnotshi bokgopong ba hae.
21. Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba fetola dihlooho tsa dikete tsa Iseraele, ba re:
22. Modimo, Modimo, Jehova, Modimo, Modimo Jehova, o a tseba le Baiseraele bohle ba tla tseba hoo le bona — ha ekaba ke ka ho fetohela Jehova, le ka ho mo sitelwa, o se ke wa re pholosa kajeno!
23. Ha re ikgahetse aletare, jwaloka eka re ya furalla Jehova leha e le ho hlaba ditjheso le dinyehelo hodima yona, leha e le ho hlaba mahlabelo a teboho hodima yona Jehova e be yena ya batlang taba ena ho rona!
24. Athe re entse hoo ka ho tshaba, ra re: Mehleng e tlang, bana ba lona ba tla bolella bana ba rona, ba re: Na le na le taba efe le Jehova, Modimo wa Iseraele, na?