Joshua 20:7-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.

8. Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.

9. Ke yona metse e beetsweng bana ba Iseraele bohle le baditjhaba ba jakileng hara bona, e le hore e mong le e mong ya bolaileng motho, a sa etse ka boomo, a tshabele teng, a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, a eso ho hlahe pela phutheho.

Joshua 20