Joshua 20:6-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. O tla dula motseng oo, a tle a be a eme kahlolong pela phutheho, moprista e moholo wa mehleng eo a be a shwe; ke hona mmolai a tla kgutla, a ye motseng wa hae, le tlung ya hae, motseng oo a neng a balehe ho wona.

7. Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.

8. Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.

9. Ke yona metse e beetsweng bana ba Iseraele bohle le baditjhaba ba jakileng hara bona, e le hore e mong le e mong ya bolaileng motho, a sa etse ka boomo, a tshabele teng, a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, a eso ho hlahe pela phutheho.

Joshua 20