Joshua 20:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile Jehova o bolella Joshua, a re:

2. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ikgetheleng metse ya ho tshabela teng, eo ke le laetseng yona ka Moshe;

3. hore mmolai ya bolaileng motho a sa etse ka boomo, a sa hopole, a tle a tshabele teng; mme e tla ba setshabelo sa lona, ha le tshaba mophetetsi wa madi.

4. Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona.

5. Mophetetsi wa madi ha a mo phallela, ba se ke ba mo nea mmolai; hobane o bolaile wa habo a sa hopole, a sa ka a mo hloya pele.

Joshua 20