12. Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,
13. ya hore le tla pholosa ntate, le mme, le banabeso, le dikgaitsedi, le tsohle tsa bona, le namolele ho phela ha rona lefung.
14. Banna bao ba re ho yena: Ho phela ha rona, ho ke ho neelwe lefu bakeng sa lona! Ha le sa hlahise taba ena ya rona, etlare ha Jehova a se a re neile lefatshe, ruri re tla o etsa ka botle le ka nnete.
15. Ebile o ba theosetsa ka fensetere, ka mohala, hobane ntlo ya hae e be e le hodima lerako la motse; o ne a ahile hodima lerako.
16. A re ho bona: Ikeleng thabeng, esere mohlomong ba phaletseng ba kgahlana le lona; le ipate teng matsatsi a mararo, ba phaletseng ba be ba boye, le ntoo ya ka tsela ya lona.
17. Yaba banna ba re ho yena: Re tla lokoloha kanong ena ya hao eo o re antshitseng ka yona.
18. Bona mohla re kenang lefatsheng la lona, o ke o hokele kgwele ena ya lesika le lefubedu fensetereng eo o re theositseng ka sona; hape, o ke o bokelle ka ha hao ntatao, le mmao, le banabeno, le bohle ba ntlo ya ntatao.
19. Leha e le mang le mang ya tla tswela kantle ho menyako ya ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae; moo etlaba ha re na molato; mme leha e le mang le mang ya tla ba le wena ka tlung, madi a hae a tla ba hodima dihlooho tsa rona, ha a ka tswa kotsi.
20. Empa ha o ka tumisa taba ena ya rona, etlaba re lokolohile kanong ya hao eo o re antshitseng ka yona.
21. A re: Ho be jwalokaha le boletse. Yaba o a ba kgutlisa, ba ikela. Mme a hokela kgwele e kgubedu fensetereng.
22. Ba tloha jwalo, ba fihla thabeng, mme ba hlola teng matsatsi a mararo, ba ba phalletseng ba ba ba kgutla; etswe ba ba phalletseng ba ne ba ba batlile tseleng yohle ba se ke ba ba bona.
23. Banna bao ba babedi ba kgutla, ba theoha thabeng, mme ba tshela noka, ba fihla ho Joshua, mora Nune, ba mo phetela tsohle tse ba hlahetseng;
24. ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.