Joshua 2:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko.Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.

2. Ha sebelwa morena wa Jeriko, ha thwe: Bona, ho tlile kwano, bosiung bona, banna ba bana ba Iseraele, ho hlwela lefatshe.

3. Ebile morena wa Jeriko o romela ho Rahaba, a re: Ntsha banna ba tlileng ha hao, ba keneng tlung ya hao; hobane ba tlile ho qamakisisa lefatshe lohle.

4. Empa mosadi a nka banna ba babedi bao, a ba pata, mme a re: Efela ho tlile banna ha ka, mme ha ke a ka ka ba tseba hobane ke ba tswang kae.

5. Etsware, ha ho kwalwa monyako wa motse ka shwalane, banna bao ba tswile; ha ke tsebe moo banna bao ba ileng teng. Ba phalleleng kapele, hobane le tla ba tshwara.

6. Athe o ba hlweseditse kahodima ntlo, o ba patile katlasa dithupa tsa matakwane, tseo a di anehileng ka-hodima ntlo.

7. Banna ba motse ba ba phallela ka tsela ya Jordane, ho ya fihla madibohong; mme ha kwalwa monyako wa motse, ha ba ba phalletseng ba tswile.

8. Yare ba eso ho robale, a hlwella ho bona kahodima ntlo,

9. a re ho banna bao: Ke a tseba hobane Jehova o le neile lefatshe, mme letsoso la lona le re wetse hodimo, mme bohle ba ahileng lefatsheng lena, ba tepeletse pela lona.

10. Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.

11. Eitse hobane re utlwe, ra nyahama dipelo; meya ya rona kaofela ya kgathala pela lona, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo hodi-mo lehodimong, le tlase lefatsheng.

12. Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,

Joshua 2