6. Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.
7. Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jeho-va, a ba neileng wona.
8. Ebile banna bao ba tloha, ba tsamaya. Joshua a laela ba yang ho lekanya naha, a re: Tlohang, le ye le naha, le e lekanye, le ntoo boela ho nna, ke tle ke le laolele mona Silo, pela Jehova.
9. Ebile banna bao ba tloha, ba ya le naha, ba lekanya metse ya yona ho e etsa dikarolo tse supileng, ba e ngola bukeng, ba ntoo boela ho Joshua, diahelong tse Silo.
10. Moo Silo, Joshua a ba laolela pela Jehova; mme Joshua a abela bana ba Iseraele naha ka dikarolo tsa bona.
11. Kabelo e laoletsweng leloko la bana ba Benjamine ya eba ka matlo a bona; naha eo ba e laoletsweng ya eba mahareng a bana ba Juda le bana ba Josefa.
12. Nqa leboya, moedi wa bona o tloha Jordane; moedi o boela o leba mabapa le Jeriko nqa leboya, o nyolosetsa thabeng, nqa bophirimela, mme o ya fella feelleng la Beth-Avene.
13. Moedi ha o tloha teng, o leba Luse; haufi le Luse ke Bethele, nqa borwa; moedi o ntoo theosetsa Atharoth-Addare, haufi le thaba e nqa borwa ho Bethe-Horone ya katlase.
14. Nqa bophirimela, moedi o ya pele, ebe o leba nqa borwa ho tloha thabeng e pela Bethe-Horone, nqa borwa o ye ho fella pela Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, motse wa bana ba Juda; ke moedi ka nqa bophirimela.