1. Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.
2. Empa ho ne ho setse meloko e supileng ya bana ba Iseraele e esong ho abelwe mafa a yona.
3. Ebile Joshua o re ho bana ba Iseraele; Le tla tswafa ho isa kae ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neileng lona?
4. Ntshang banna ba bararo lelokong le leng le le leng, ke tle ke ba rome, ba tlohe, ba ye le naha, ba e lekanye ho e etsa lefa, ba ntoo boela ho nna.
5. Ba tla e arola dikarolo tse supileng. Bajuda bona ba tla dula naheng ya bona nqa borwa; ba ntlo ya Josefa le bona ba dule naheng ya bona nqa leboya.
6. Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.
7. Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jeho-va, a ba neileng wona.