Joshua 17:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Manasse a abelwa jwalo karolo tse leshome kantle ho lefatshe la Gileade le Bashane, le mose wane wa Jordane;

6. hobane baradi ba Manasse ba kile ba newa lefa hammoho le bara ba hae; bara ba Manasse ba bang ba newa lefatshe la Gileade.

7. Moedi wa Manasse o tloha Asere ho isa Mikmethathe o pela Sikeme; moedi o ntoo leba ka ho le letona ho fihla moo ho ahileng ba Ene-Thappua.

8. Manasse a fuwa naha ya Thappua, empa Thappua, naheng ya Manasse, ke wa bana ba Efraime.

9. Moedi eba o theohela nokeng ya Kana, nqa borwa ho noka. Metse eo ya Efraime e hara metse ya Manasse. Moedi wa Manasse eba o ya nqa leboya ho noka, mme o ya fella lewatleng.

10. Nqa borwa naha ke ya Efraime, nqa leboya ke ya Manasse, mme lewatle ke moedi wa bona; moedi o teana le wa Asere nqa leboya, le wa Issaskare nqa botjhabela.

11. Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.

Joshua 17