Joshua 17:12-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Empa bana ba Manasse ba sitwa ho rua metse eo; Bakanana ba pheella ho dula lefatsheng leo.

13. Eitse mohla bana ba Iseraele ba leng matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba leleka ruri.

14. Ebile bana ba Josefa ba bolella Joshua, ba re: O re neile keng karolo e le nngwe le seabo se le seng feela, ho ba lefa la rona na, athe re batho ba bangata, mme Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale?

15. Joshua a re ho bona: Ha le le batho ba bangata, eyang morung, le ikgathele teng fatsheng la Baferese le la Bare-faime, ha thaba ya Efraime e sa le lekane.

Joshua 17