Joshua 17:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.

12. Empa bana ba Manasse ba sitwa ho rua metse eo; Bakanana ba pheella ho dula lefatsheng leo.

13. Eitse mohla bana ba Iseraele ba leng matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba leleka ruri.

14. Ebile bana ba Josefa ba bolella Joshua, ba re: O re neile keng karolo e le nngwe le seabo se le seng feela, ho ba lefa la rona na, athe re batho ba bangata, mme Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale?

15. Joshua a re ho bona: Ha le le batho ba bangata, eyang morung, le ikgathele teng fatsheng la Baferese le la Bare-faime, ha thaba ya Efraime e sa le lekane.

16. Bana ba Josefa, ba re: Thaba e ke ke ya re lekana, hobane Bakanana kaofela ba dutseng lehwatateng ba na le makoloi a tshepe; ke ba Bethe-Sheane le metse ya teng, le ba lehwatateng la Jisreele.

17. Joshua a bolella ba ntlo ya Josefa, Baefraime le Bamanasse, a re: Empa le batho ba bangata, le matla haholo, le ke ke la ba le seabo se le seng feela; hobane thaba e tla ba ya lona;

18. leha e le moru le tla ikgathela teng, le phello ya wona e tla ba ya lona; hobane le tla leleka Bakanana, leha ba ena le makoloi a tshepe, hape ba le matla.

Joshua 17