1. Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.
2. Le bana ba bang ba Manasse ba laolelwa lefa ka matlo a bona: ke bana ba Abiesere, le bana ba Heleke, le bana ba Asriele, le bana ba Sikeme, le bana ba Hefere, le bana ba Shemida: bao ke bana ba batona ba Manasse, mora Josefa, ka matlo a bona.
3. Tselofkade yena, mora Hefere, mora Gileade, mora Makire, mora Manasse, ha a ka a ba le bara, a ba le basetsana feela; mabitso a baradi ba hae ke ana: Makla, Nowe, Hogla, Milka, le Thirtsa.
4. Ba tla pela moprista Eleasare, le pela Joshua, mora Nune, le pela baholo, ba re: Jehova o ne a laele Moshe ho re nea lefa hammoho le banababo rona. Ebile ba fuwa lefa hammoho le banababo ntata bona, ka taelo ya Jehova.
5. Manasse a abelwa jwalo karolo tse leshome kantle ho lefatshe la Gileade le Bashane, le mose wane wa Jordane;
6. hobane baradi ba Manasse ba kile ba newa lefa hammoho le bara ba hae; bara ba Manasse ba bang ba newa lefatshe la Gileade.
7. Moedi wa Manasse o tloha Asere ho isa Mikmethathe o pela Sikeme; moedi o ntoo leba ka ho le letona ho fihla moo ho ahileng ba Ene-Thappua.
8. Manasse a fuwa naha ya Thappua, empa Thappua, naheng ya Manasse, ke wa bana ba Efraime.
9. Moedi eba o theohela nokeng ya Kana, nqa borwa ho noka. Metse eo ya Efraime e hara metse ya Manasse. Moedi wa Manasse eba o ya nqa leboya ho noka, mme o ya fella lewatleng.