Joshua 14:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ebile bana ba Juda ba tla ho Joshua Gilgale; Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, a re ho yena: O tseba taba eo Jehova a neng a e bolelle Moshe, monna wa Modimo, bakeng sa ka le sa hao, ha re le Kadeshe-Barnea.

7. Ke ne ke le dilemo tse mashome a mane, mohla Moshe, mohlanka wa Jehova, a nthomang, Kade-she-Barnea, ho ya hlwela naha, mme ka mo tlisetsa ditaba, jwalokaha di ne di le pelong ya ka;

8. athe banabeso, bao re neng re ile le bona, ba nyahamisitse setjhaba pelo; empa nna ka latela Jehova, Modimo wa ka, kahohle.

9. Mohlang oo, Moshe a nkanela, a re: Kannete, lefatshe leo maoto a hao a ileng a le hata e tla nne e be lefa la hao le la bana ba hao kamehla; hobane o latetse Jehova, Modimo wa ka, kahohle.

10. Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano.

11. Leha ho le jwalo, ke sa le matla le kajeno, jwaloka mohla Moshe a nthomang; jwalokaha matla a ka a ne a le jwalo mohlang oo, le kajeno matla a ka a ho lwana a ntse a le teng, a ho futuha le a ho boya.

12. Jwale, nnee thaba ena eo Jehova a e boletseng mohlang oo; hobane o utlwile le wena mohlang oo hobane teng ho na le Baanake, hape ho na le metse ya metonana e marako; ha ekaba Jehova a ka ntlatsa, nka ba leleka, jwalokaha Jehova a boletse.

Joshua 14