1. Ke wona mafa ao bana ba Iseraele ba ileng ba a rua fatsheng la Kanana, ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba ba abetseng wona ho ba lefa la bona;
2. lefa leo la meloko e robileng monwana o le mong le la mothapo o mong wa leloko le leng, la laolwa ka lotho, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.
3. Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,
4. etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona.
5. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, mme ba arolelana naha.
6. Ebile bana ba Juda ba tla ho Joshua Gilgale; Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, a re ho yena: O tseba taba eo Jehova a neng a e bolelle Moshe, monna wa Modimo, bakeng sa ka le sa hao, ha re le Kadeshe-Barnea.
7. Ke ne ke le dilemo tse mashome a mane, mohla Moshe, mohlanka wa Jehova, a nthomang, Kade-she-Barnea, ho ya hlwela naha, mme ka mo tlisetsa ditaba, jwalokaha di ne di le pelong ya ka;
8. athe banabeso, bao re neng re ile le bona, ba nyahamisitse setjhaba pelo; empa nna ka latela Jehova, Modimo wa ka, kahohle.