Joshua 13:31-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. le sekoto sa Gileade, le Ashtarothe, le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane, ya eba ya bana ba Makire, mora Manasse, ke ho re, ya mothapo wa bana ba Makire ka matlo a bona.

32. Ke wona mafa ao Moshe a neng a a abile a le mahwatateng a Moabe, mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabela ho Jeriko.

33. Empa Moshe ha a ka a nea leloko la Balevi lefa; Jehova, Modimo wa Iseraele, ke yena e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.

Joshua 13